Eksoda
Khaolo 23:25-31
BIBELE e Halalelang
25Sebeletsang Jehova, Modimo wa lona, mme o tla hlohonolofatsa bohobe ba hao le metsi a hao, mme lefu ke tla le kgelosa ho wena.
26Ho ke ke ha eba mosadi ya tswang mpa, kapa ya nyopileng lefatsheng la hao; hape, ke tla phetha palo ya ditshiu tsa hao.
27Ke tla romela letsoso la ka le o etelle pele, mme ke qhale tjhaba se seng le se seng seo o tla fihla ho sona, ke balehise pela hao dira tsohle tsa hao.
28Ke tla romela bobi, hore bo o etelle pele, mme bo tla leleka Baheve, le Bakanana, le Bahethe pela hao.
29Nke ke ka ba tlosa pela lona ka lemo se le seng, esere lefatshe la fetoha nahathothe, le dibatana tsa naha tsa ata, tsa le ja.
30Ke tla nne ke ba leleke pela hao, ho fihlela o ata, o rua lefatshe lohle.
31Ke tla bea meedi ya hao ho tloha Lewatleng le Lefubedu ho isa Lewatleng la Bafiliseta, le ho tloha lefeelleng ho isa nokeng; hobane ke tla neela matsohong a lona ba ahileng fatsheng lena, o tle o ba leleke pela hao.