Eksoda
Khaolo 23:29-33
BIBELE e Halalelang
29Nke ke ka ba tlosa pela lona ka lemo se le seng, esere lefatshe la fetoha nahathothe, le dibatana tsa naha tsa ata, tsa le ja.
30Ke tla nne ke ba leleke pela hao, ho fihlela o ata, o rua lefatshe lohle.
31Ke tla bea meedi ya hao ho tloha Lewatleng le Lefubedu ho isa Lewatleng la Bafiliseta, le ho tloha lefeelleng ho isa nokeng; hobane ke tla neela matsohong a lona ba ahileng fatsheng lena, o tle o ba leleke pela hao.
32O se ke wa etsa selekane le bona, kapa le medimo ya bona.
33Ba ke ke ba aha lefatsheng la hao, esere ba etsa hore o ntshitelwe ka ho sebeletsa medimo ya bona; hobane hoo e ka ba leraba ho wena.