Eksoda
Khaolo 25:18-24
BIBELE e Halalelang
18Hape, o etse dikerubime tse pedi tsa kgauta: o tle o di etse ka kgauta e teilweng, o di bee dintlheheng tse pedi tsa sekwahelo.
19O etse kerubime e nngwe ntlheng e ka kwano, mme o bee kerubime e nngwe ntlheng e ka kwana. Le tle le etse dikerubime hammoho le sekwahelo, dintlheng tsa sona tse pedi.
20Dikerubime di ke di otlollele dipheo tsa tsona hodimo, di kgurumetse sekwahelo ka dipheo tsa tsona, mme di tadimane ka difahleho; difahleho tsa dikerubime di tadime nqa sekwahelong.
21O tla bea sekwahelo hodima areka, mme ka arekeng o bee bopaki boo ke tla o nea bona.
22Ke hona moo ke tla teana le wena, ke bue le wena ke le hodima sekwahelo, pakeng tsa dikerubime tse hodima areka ya bopaki, hore ke tle ke o bolelle tsohle tseo ke tla o laela tsona bakeng sa bana ba Iseraele.
23Hape, o tla etsa tafole ya sefate sa leoka; bolelele ba yona e be ditswe tse pedi, bophara ba yona e be ba tswe se le seng, bophahamo ba yona e be setswe se nang le halofo.
24O tle o e manehe ka kgauta e hlwekileng, mme o e etsetse mofapo wa kgauta o e potolohang.