Eksoda
Khaolo 25:32-38
BIBELE e Halalelang
32Ho tla tswa makala a tsheletseng mahlakoreng a yona; makala a mararo a etswe lehlakoreng le leng la kandelare, a mang makala a mararo a tswe lehlakoreng le leng la kandelare.
33Meritshwana e meraro e kang amanda, le senoko le palesa di be teng lekaleng le leng; lekaleng le leng, ho be meritshwana e meraro, e kang amanda, le senoko le palesa; makala a tsheletseng a tswang kandelareng a etswe jwalo.
34Ho yona kandelare, meritshwana e mene e ke e be teng e kang amanda, hammoho le dinoko le dipalesa tsa yona;
35senoko se be teng tlasa makala a mabedi a tswang kandelareng, senoko se seng se be teng tlasa makala a mang a mabedi a tswang kandelareng, mme senoko se seng se be teng tlasa makala a mang a mabedi a tswang kandelareng, ho lekana makala a tsheletseng a tswang kandelareng.
36Dinoko le makala di tswe ho yona, mme e be ntho e le nngwe hammoho e entsweng ka kgauta e teilweng, e hlwekileng.
37O tle o e etsetse dilampi tse supileng; mme dilampi tseo tse supileng di ke di bewe ka mokgwa wa hore di bonesetse ka nqa kapele.
38Matlawana a yona le dipitsana tsa yona tsa molora di ke di etswe ka kgauta e hlwekileng.