Eksoda
Khaolo 26:10-16
BIBELE e Halalelang
10O tla bea mahokelo a mashome a mahlano mophethong wa lesela le ntlheng ya masela a rokeletsweng hammoho, le mahokelo a mashome a mahlano mophethong wa lesela le ntlheng ya a mang a rokeletsweng hammoho.
11O tla etsa dikgoketsane tse mashome a mahlano tsa koporo, mme o kenye dikgoketsane tseo mahokelong; o kopanye tente hammoho, e tle e be ntho e le nngwe feela.
12Haele mmeno o setseng maseleng a tente, sekoto sa mmeno o setseng se tla lepella maraong a tabernakele.
13Setswe se ka kwano le setswe se ka kwana, tse setseng boleleleng ba masela a tente, di tla lepella mahlakoreng a tabernakele, ka kwano le ka kwana, ho e kwahela.
14O ntoo etsetsa tente sekgurumetso sa matlalo a dipheleu a tlotsitsweng ka bofubedu, le sekgurumetso sa matlalo e diqibi ho apesa sa matlalo a dipheleu.
15O tla etsetsa tabernakele dipolanka tsa sefate sa leoka tse tla emiswa;
16bolelele ba polanka e tla ba tswe tse leshome, mme bophara ba polanka e be setswe se nang le halofo ya setswe.