Eksoda
Khaolo 28:3-9
BIBELE e Halalelang
3O bue le banna ba masene, bao ke ba tshetseng ka moya wa hlalefo, ba tle ba etsetse Aarone diaparo tse mo kgethang, hore a tle a sebetse mosebetsi wa boprista pela ka. Diaparo tseo ba tla di etsa, ke tsona tsena:
4Mokgajwana, le efoda, le kobo, le kojwana e homilweng le moqhwele, le senyepa. Ba etsetse Aarone moholwane wa hao, le bara ba hae diaparo tse kgethehileng, ba tle ba etse mosebetsi wa boprista pela ka.
5Ba nke kgauta, le purepera, le sekarelata, le krimsone le lene e ntle.
6Ba etse efoda ka kgauta, le purepera, le sekarelata, le krimsone, le line e ntle e lohilweng, e be mosebetsi o etswang ka masene.
7E be le mabanta a mabedi a yona a mahetla a e kopanyang dintlheng tsa yona tse pedi; e fele e kopanngwe jwalo.
8Senyepa se e tlamang, e be ntho e le ngwe le yona; se tla bewa hodima yona, e be sa mofuta o le mong le yona, se etswe ka kgauta, le purepera, le sekarelata, le krimsone, le lene e ntle e lohilweng.
9O nke mahakwe a mabedi a onikse, o ngole ho wona mabitso a bana ba Iseraele;