Eksoda
Khaolo 29:31-37
BIBELE e Halalelang
31O tla nka pheleu ya peo, o apehe nama ya yona nqalong e halalelang;
32Aarone le bara ba hae ba tla ja nama ya pheleu le bohobe bo leng serotong, monyako wa tente ya pokano;
33ba je tseo pheko e entsweng ka tsona ho ba kgethela tshebeletso, le ho ba hlwekisa; di se ke tsa jewa ke moditjhaba, hobane ke ntho tse kgethehileng.
34Leha ho ka salla hosasane nama e nngwe ya kgethelo, le bohobe bo bong, ho setseng o tla ho tjhesa; ho se ke ha jewa, hobane ho kgethehile.
35O tla etsetsa Aarone le bara ba hae jwalo, o ye ka tsohle tseo ke o laetseng tsona, o tle o ba kgethele tshebeletso ka tshiu tse supileng.
36Hape, ka tsatsi le leng le le leng, o tla hlaba poho ya sehlabelo sa sebe ho etsa pheko; o tla hlwekisa aletare ka ho e etsetsa pheko, o e tlotse hore o tle o e kgethele tshebeletso.
37Ka ditshiu tse supileng, o tla etsetsa aletare pheko, o be o e kgethele tshebeletso, mme aletare e tla ba ntho e kgethehileng haholo; eng le eng e ka amang aletare e kgethehile.