Eksoda
Khaolo 29:40-46
BIBELE e Halalelang
40o hlahise konyana e nngwe le e nngwe e na le tekanyo ya leshome ya phofo e sefilweng, e dubilweng tekanyong ya bone ya hine ya ole e hlwekileng, le tshelo ya karolo ya bone ya hine ya veine.
41Konyana ya bobedi o tla e hlaba mantsiboya; o e hlahise e na le nyehelo le tshelo, jwaloka ya hosasa, e tle e be monko o monate le sehlabelo se tjheseditsweng Jehova.
42E tla ba sona setjheso sa kamehla sa meloko yohle ya lona, se hlahiswang monyako wa tente ya pokano pela Jehova, moo ke tla teana le lona, hore ke tle ke bue le wena teng.
43Ke tla teana teng le bana ba Iseraele, mme tente e tla kgetheha ka kganya ya ka;
44ke tla kgetha tente ya pokano le aletare, ke kgethe le Aarone le bara ba hae, hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka.
45Ke tla aha hara bana ba Iseraele, ke be Modimo wa bona;
46ba tla tseba hoba ke Jehova, Modimo wa bona, ya ba ntshitseng lefatsheng la Egepeta, hore ke tle ke ahe hara bona: Ke nna Jehova, Modimo wa bona.