Eksoda
Khaolo 30:16-22
BIBELE e Halalelang
16O nke tjhelete tsa topollo tse ntshwang ke bana ba Iseraele, o di ntshetse tshebeletso ya tente ya pokano; e tla ba kgopotso ho bana ba Iseraele pela Jehova, ha ho etsetswa meya ya lona topollo.
17Jehova a boela a bolella Moshe, a re:
18O etse morifi wa koporo o nang le sedulwana sa koporo ho itlhatswetsa ho wona, o o bee mahareng a tente ya pokano le aletare; o tshele metsi,
19hore Aarone le bara ba hae ba tle ba itlhatswe matsoho le maoto teng.
20Etlare ha ba etla tenteng ya pokano, ba itlhatswe ka metsi, ba tle ba se ke ba eshwa; ba itlhatswe hape, ha ba atamela aletareng ho etsa tshebeletso, ho tjhesa sehlabelo se tjhesetswang Jehova.
21Ba itlhatswe matsoho le maoto, ba tle ba se ke ba eshwa; hoo e tla ba taelo ya kamehla ho bona, ke re, ho Aarone le ditloholo tsa hae, melokong ya bona.
22Hape, Jehova a bolella Moshe, a re: