Eksoda
Khaolo 30:19-25
BIBELE e Halalelang
19hore Aarone le bara ba hae ba tle ba itlhatswe matsoho le maoto teng.
20Etlare ha ba etla tenteng ya pokano, ba itlhatswe ka metsi, ba tle ba se ke ba eshwa; ba itlhatswe hape, ha ba atamela aletareng ho etsa tshebeletso, ho tjhesa sehlabelo se tjhesetswang Jehova.
21Ba itlhatswe matsoho le maoto, ba tle ba se ke ba eshwa; hoo e tla ba taelo ya kamehla ho bona, ke re, ho Aarone le ditloholo tsa hae, melokong ya bona.
22Hape, Jehova a bolella Moshe, a re:
23O nke dibano tse kgethehileng, tsa mirra e metsi tse boima ba dishekele tse makgolo a mahlano le halofo ya boima bo kalo ya sinnamone e monko o monate, e leng dishekele tse makgolo a mabedi a mashome a mahlano, le lehlaka le monko o monate le boima ba dishekele tse makgolo a mabedi a mashome a mahlano,
24le dishekele tse makgolo a mahlano tsa kasia, ha ho lekanngwa ka shekele ya sehalalelo, le tekanyo ya hine ya ole ya mohlwaare.
25Ka tseo, o tla etsa ole ya setlolo e kgethehileng, tswako e monko o monate, e entsweng ka mokgwa wa motswaki wa tse nkgang hamonate. E tla ba ole ya setlolo e kgethehileng.