Eksoda
Khaolo 30:25-31
BIBELE e Halalelang
25Ka tseo, o tla etsa ole ya setlolo e kgethehileng, tswako e monko o monate, e entsweng ka mokgwa wa motswaki wa tse nkgang hamonate. E tla ba ole ya setlolo e kgethehileng.
26Ka yona, o tla tlotsa tente ya pokano le areka ya bopaki,
27le tafole le mesebetsi yohle ya yona, le kandelare le mesebetsi yohle ya yona, le aletare ya dibano,
28le aletare ya ditjheso le mesebetsi yohle ya yona, le morifi le sedulwana sa wona.
29O di kgethe e be dintho tse kgethehileng haholo; tsohle tse tla di ama di tla kgetheha le tsona.
30O tlotse Aarone le bara ba hae, mme o ba kgethe hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka.
31O bolelle bana ba Iseraele, o re: