Eksoda
Khaolo 30:30-36
BIBELE e Halalelang
30O tlotse Aarone le bara ba hae, mme o ba kgethe hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka.
31O bolelle bana ba Iseraele, o re:
32Ke yona ole ya setlolo e kgethehileng ho nna melokong ya lona; e se ke ya tshelwa nameng ya motho, mme le se ke la etsa e tshwanang le yona ho tswakweng ha yona. E kgethehile, le ho lona e kgethehile.
33Mang le mang ya ka etsang ditlolo tse jwalo, kapa ya ka tlotsang moditjhaba ka tsona, a kgaolwe tjhabeng sa habo.
34Hape, Jehova a re ho Moshe: O nke ntho tse monko o monate, setakte, le dikgetla tse monko o monate, le kgalbano, le dibano tse hlwekileng; di ke di lekane ka boima;
35o di etse dibano tse monko o monate, ka mokgwa wa motswaki wa tse monko o monate, di be letswai, hape e be tse hlwekileng, tse kgethehileng.
36O di tudisise haholo, o di bee pela bopaki, tenteng ya pokano, moo ke tla teana le wena teng; ho lona e tla ba ntho e kgethehileng haholo.