Eksoda
Khaolo 32:21-27
BIBELE e Halalelang
21Yaba Moshe o re ho Aarone: Setjhaba sena se o entse jwang ha o tla se dihela sebeng se sekalo?
22Aarone a re: Bohale ba monga ka bo se ke ba tuka. Tjhaba sena o a se tseba hoba se sekametse bobeng.
23Ba itse ho nna: Re etsetse modimo o re etellang pele, hobane haele Moshe eno, monna ya re ntshitseng fatsheng la Egepeta, ha re tsebe se mo hlahetseng.
24Ka ba ka re ho bona: Mang le mang ya nang le kgauta, a e role! Ba fela ba nneile, mme ke kentse kgauta mollong, mme ho tswile namane eo.
25Moshe a bona setjhaba hoba ha se sa ikutlwa, hobane Aarone o ne a ba dihetse, hore ba songwe ke dira tsa bona.
26Yaba Moshe o ya ema monyako wa diahelo, a re: Mang le mang ya reng ka Jehova a tle ho nna! Yaba bara ba Levi ba phuthehela ho yena.
27A re ho bona: Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: E mong le e mong wa lona a tlame sabole ya hae thekeng la hae, le ye le diahelo ho tloha monyakong o mong ho ya ho o mong, mme e mong le e mong wa lona a bolaye ngwanabo, mang motswalle wa hae, mang wa habo.