Eksoda
Khaolo 32:24-30
BIBELE e Halalelang
24Ka ba ka re ho bona: Mang le mang ya nang le kgauta, a e role! Ba fela ba nneile, mme ke kentse kgauta mollong, mme ho tswile namane eo.
25Moshe a bona setjhaba hoba ha se sa ikutlwa, hobane Aarone o ne a ba dihetse, hore ba songwe ke dira tsa bona.
26Yaba Moshe o ya ema monyako wa diahelo, a re: Mang le mang ya reng ka Jehova a tle ho nna! Yaba bara ba Levi ba phuthehela ho yena.
27A re ho bona: Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: E mong le e mong wa lona a tlame sabole ya hae thekeng la hae, le ye le diahelo ho tloha monyakong o mong ho ya ho o mong, mme e mong le e mong wa lona a bolaye ngwanabo, mang motswalle wa hae, mang wa habo.
28Bara ba Levi ba etsa ka polelo ya Moshe, mme tsatsing leo ha eshwa batho ba batlileng ho etsa kete tse tharo hara setjhaba.
29Hobane Moshe o ne a itse: Ikgetheleng Jehova kajeno, leha e ka ba ho lwantsha e mong le e mong mora wa hae le ngwanabo, hore Modimo o tle o le hlohonolofatse kajeno.
30Ka hosasane, Moshe a re ho setjhaba: Le sitilwe ka tshito e kgolo; jwale, a nke ke nyolohele ho Jehova; mohlomong nka etsa pheko ya tshito ya lona.