Eksoda
Khaolo 34:27-33
BIBELE e Halalelang
27Hape, Jehova a re ho Moshe: Ngola mantswe ana, hobane ke entse selekane le wena le Iseraele ka mantswe ana.
28Moshe a ba le Jehova matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, a sa je bohobe, a sa nwe metsi; a ngola matlapeng mantswe a selekane, e leng mantswe a leshome.
29Eitse ha Moshe a theoha thabeng ya Sinai, a theoha thabeng a tshwere matlapa a mabedi a bopaki matsohong a hae, mme o ne a sa tsebe hobane letlalo la sefahleho sa hae le a kganya, kahobane a ne a buile le Jehova.
30Mme Aarone le bana ba Iseraele kaofela ha ba tadima Moshe, ba bona letlalo la sefahleho sa hae le kganya, mme ba tshaba ho mo atamela.
31Moshe a ba bitsa. Yaba Aarone le marenana wohle a phutheho ba kgutlela ho yena, mme Moshe a bua le bona.
32Kamora tseo, bana ba Iseraele bohle ba atamela; a ba laela taba tsohle tseo Jehova a mmoleletseng tsona thabeng ya Sinai.
33Eitse hobane Moshe a qetelle ho bua le bona, a ikgurumetsa sefahleho ka lesira.