Eksoda
Khaolo 34:30-35
BIBELE e Halalelang
30Mme Aarone le bana ba Iseraele kaofela ha ba tadima Moshe, ba bona letlalo la sefahleho sa hae le kganya, mme ba tshaba ho mo atamela.
31Moshe a ba bitsa. Yaba Aarone le marenana wohle a phutheho ba kgutlela ho yena, mme Moshe a bua le bona.
32Kamora tseo, bana ba Iseraele bohle ba atamela; a ba laela taba tsohle tseo Jehova a mmoleletseng tsona thabeng ya Sinai.
33Eitse hobane Moshe a qetelle ho bua le bona, a ikgurumetsa sefahleho ka lesira.
34Enere ha Moshe a kena pela Jehova, ho bua le yena, o ne a tlosa lesira, ho fihlela a ba a etswa; ha a etswa, a bolelle bana ba Iseraele tse o a di laetsweng.
35Bana ba Iseraele ba ne ba bona hoba letlalo la sefahleho sa Moshe le a kganya; Moshe a boele a busetse lesira sefahlehong sa hae, ho fihlela a boela a kena ho ya bua le Jehova.