Eksoda
Khaolo 35:1-8
BIBELE e Halalelang
1Yaba Moshe o bokella phutheho yohle ya bana ba Iseraele, a re ho bona: Ke tsena ditaba tseo Jehova a laetseng ho di etsa.
2Ho tla sebetswa ka matsatsi a tsheletseng, mme letsatsi la bosupa ho lona e tla ba Sabatha ya phomolo e kgethetsweng Jehova; mang le mang ya ka etsang mosebetsi tsatsing leo, o tla bolawa.
3Le se ke la besa mollo matlung wohle a lona ka tsatsi la Sabatha.
4Moshe a bolella phutheho yohle ya bana ba Iseraele, a re: Se laetsweng ke Jehova ke sena:
5Ntshang ho tsa lona seo le se abelang Jehova. Motho ka mong eo pelo ya hae e ratang, a ke a tlise se abetsweng Jehova, kgauta, silefera, le koporo;
6purepera, sekarelata, krimsone, lene e ntle le boya ba podi; matlalo a dipheleu a tlotsitsweng ka bofubedu, le matlalo a diqibi, le difate ta leoka;
8ole ya ho bonesa, le dibano tsa ole ya setlolo, le dibano tse monko o monate;