Eksoda
Khaolo 35:10-16
BIBELE e Halalelang
10Banna bohle ba masene ba hara lona ba tle ba tle, ba sebetse tsohle tseo Jehova a di laetseng;
11e le tabernakele le tente ya yona, le sekgurumetso sa yona, le mahokelo a yona, le dipolanka tsa yona, le maballo a yona, le ditshiya tsa yona, le didulwana tsa yona;
12le areka le mejaro ya yona, le sekwahelo, le lesela le homilweng;
13le tafole le mejaro ya yona, le mesebetsi yohle ya yona, le mahobe a pontsha;
14le kandelare ya ho bonesa le mesebetsi ya yona, le dilampi tsa yona le ole ya ho bonesa;
15le aletare ya dibano le mejaro ya yona, le ole ya setlolo le dibano tse nkgang hamonate, le lesela le homilweng la monyako le etsetswang monyako wa tabernakele;
16le aletare ya ditjheso, le rostere ya koporo, le mejaro ya yona le mesebetsi ya yona, le morifi le sedulwana sa wona;