Eksoda
Khaolo 35:21-27
BIBELE e Halalelang
21Motho ka mong ya eleditsweng ke pelo ya hae le bohle ba pelo di ithatetseng, ba fihla ba tlisetsa Jehova dikabelo ho sebetsa tente ya pokano, le tsohle tsa tshebeletso ya yona, le diaparo tse kgethehileng.
22Banna ba tla ba ena le basadi; bohle ba pelo tse ithatetseng ba tlisa dihaka, le masale, le ditona, le mefitshana, le mesebetsi e meng ya kgauta ya mefutafuta; motho ka mong a hlahisa mpho ya kgauta eo a e hlahisetsang Jehova.
23E mong le e mong ya neng a ena le purepera, le sekarelata, le krimsone, le lene e ntle, le boya ba podi, le matlalo a dipheleu a tlotsitsweng ka bofubedu, le matlalo a diqibi, ba di tlisa.
24Mang le mang ya ntshitseng karolo ya silefera le ya koporo e aroletsweng Jehova, a tlisa karolo e abetsweng Jehova: le bohle ba neng ba ena le difate tsa leoka tsa ho sebetsa mesebetsi ya tshebetso, ba di tlisa.
25Basadi bohle ba masene ba loha ka matsoho a bona, mme ba tlisa seo ba se lohileng, e le purepera, sekarelata, le krimsone, le lene e ntle.
26Basadi bohle ba eleditsweng ke pelo tsa bona, ba masene, ba loha boya ba podi.
27Haele marenana, a tlisa mahakwe a onikse, le mahakwe a kenngwang dikoomaneng a efoda le a mokgajwana;