Eksoda
Khaolo 35:6-13
BIBELE e Halalelang
6purepera, sekarelata, krimsone, lene e ntle le boya ba podi; matlalo a dipheleu a tlotsitsweng ka bofubedu, le matlalo a diqibi, le difate ta leoka;
8ole ya ho bonesa, le dibano tsa ole ya setlolo, le dibano tse monko o monate;
9mahakwe a onikse, le mahakwe a kenngwang dikoomaneng a efoda le a mokgajwana.
10Banna bohle ba masene ba hara lona ba tle ba tle, ba sebetse tsohle tseo Jehova a di laetseng;
11e le tabernakele le tente ya yona, le sekgurumetso sa yona, le mahokelo a yona, le dipolanka tsa yona, le maballo a yona, le ditshiya tsa yona, le didulwana tsa yona;
12le areka le mejaro ya yona, le sekwahelo, le lesela le homilweng;
13le tafole le mejaro ya yona, le mesebetsi yohle ya yona, le mahobe a pontsha;