Eksoda
Khaolo 36:17-23
BIBELE e Halalelang
17Ha etswa mahokelo a mashome a mahlano mophethong wa lesela le ntlheng ya masela a mang a rokeletsweng hammoho; hape, ha etswa mahokelo a mashome a mahlano mophethong wa lesela le qetellang masela a mang a rokeletsweng hammoho.
18Hape, ha etswa dikgoketsane tsa koporo ho kopanya tente, hore e etse ntho e le nngwe.
19Tente ya etsetswa sekgurumetso sa matlalo a dipheleu a tlotsitsweng ka bofubedu; le sona sa apeswa ka sekgurumetso sa matlalo a diqibi.
20Ha etswa dipolanka tsa tabernakele ka fate tsa leoka, hore e tsebe ho ema;
21bolelele ba polanka ya eba ditswe tse leshome, bophara ba polanka ya eba setswe se nang le halofo.
22Polanka e nngwe le e nngwe ya etsetswa dimapo tse pedi tse bapileng. Dipolanka tsohle tsa tabernakele tsa etswa jwalo le tsona.
23Ha etswa dipolanka tsa tabernakele tse mashome a mabedi ka nqa borwa;