Eksoda
Khaolo 36:18-24
BIBELE e Halalelang
18Hape, ha etswa dikgoketsane tsa koporo ho kopanya tente, hore e etse ntho e le nngwe.
19Tente ya etsetswa sekgurumetso sa matlalo a dipheleu a tlotsitsweng ka bofubedu; le sona sa apeswa ka sekgurumetso sa matlalo a diqibi.
20Ha etswa dipolanka tsa tabernakele ka fate tsa leoka, hore e tsebe ho ema;
21bolelele ba polanka ya eba ditswe tse leshome, bophara ba polanka ya eba setswe se nang le halofo.
22Polanka e nngwe le e nngwe ya etsetswa dimapo tse pedi tse bapileng. Dipolanka tsohle tsa tabernakele tsa etswa jwalo le tsona.
23Ha etswa dipolanka tsa tabernakele tse mashome a mabedi ka nqa borwa;
24ha etswa didulwana tsa silefera tse mashome a mane, tsa bewa tlasa dipolanka tse mashome a mabedi; polanka e le nngwe ya eba le didulwana tse pedi le dimapo tse pedi tsa tsona, mme polanka e nngwe ya eba le didulwana tse pedi le dimapo tse pedi tsa tsona.