Eksoda
Khaolo 4:12-18
BIBELE e Halalelang
12Tsamaya he jwale, mme etlaba nna ke bang le molomo wa hao; mme ke tla o ruta seo o tla se bolela.
13A re: Oho Morena, ke a o rapela, roma eo o mo romang.
14Yaba kgalefo ya Jehova e tukela Moshe, a re: Aarone Molevi, ngwaneno, na ha a yo na? Ke tseba hobane yena o bua hantle, mme ebile ke enwa ya tlang ho o kgahlanyetsa; etlare ha a o bona, o tla thaba pelong ya hae.
15O tle o bue le yena, o kenye ditaba molomong wa hae, mme nna ke tla ba le molomo wa hao, ke be le molomo wa hae, mme ke tla le ruta seo le tla se etsa.
16E tla ba yena mmueli wa hao ho setjhaba, e be yena molomo wa hao, mme wena o be bakeng sa Modimo ho yena.
17O tla nka lere lena letsohong la hao, o tle o etse mehlolo ka lona.
18Yaba Moshe o a tsamaya, a boela ho Jethro mohwehadi wa hae, a re ho yena: Ako ntumelle, nke ke boele ho banabeso ba Egepeta, ke bone hore na ba sa ntse ba phedile na. Jethro a re ho Moshe: Tsamaya ka kgotso.