Eksoda
Khaolo 4:19-25
BIBELE e Halalelang
19Jehova a re ho Moshe naheng ya Midiane: Tsamaya, o kgutlele Egepeta, hobane batho kaofela ba neng ba batla bophelo ba hao ba shwele.
20Yaba Moshe o nka mosadi wa hae le bara ba hae, a ba palamisa diesele, a kgutlela lefatsheng la Egepeta. Moshe a nka lere la Modimo letsohong la hae.
21Jehova a re ho Moshe: Ha o ntse o tsamaya, o boela Egepeta, o lemohe mehlolo yohle eo ke e beileng letsohong la hao, o tle o e etse pela Faro, empa nna ke tla thatafatsa pelo ya hae, hore a se ke a lokolla setjhaba, hore se tsamaye.
22O tle o re ho Faro: Ho thwe ke Jehova: Iseraele ke mora wa ka wa letsibolo;
23ke re ho wena: Lokolla moraka, a ye ho ntshebeletsa; empa ha o hana ho mo lokolla, bona, ke tla bolaya mora wa hao wa letsibolo.
24Mme ha ba le tseleng, moo ba robalang teng, Jehova a kgahlana le Moshe, a batla ho mmolaya.
25Yaba moo Sefora a nkang lehakwe, a kgaolang mora hae nama ya ntlha ya dipejana, a e lahlela maotong a hae, a re: Ruri, ho nna o mohatsa ya madi.