Eksoda
Khaolo 4:2-8
BIBELE e Halalelang
2Jehova a re ho yena: Keng eo e letsohong la hao? A re: Ke lere.
3A re: Le lahlele fatshe. A le lahlela fatshe; yaba le fetoha noha, mme a baleha pela yona.
4Jehova a re ho Moshe: Nanabetsa letsoha la hao, o e tshware ka mohatla. Yaba o nanabetsa letsoho la hae, a e tshwara, mme ya boela ya fetoha lere seatleng sa hae.
5Ke hore ba tle ba kgolwe hobane Jehova, Modimo wa bontata bona, Modimo wa Abrahama, Modimo wa Isaaka, Modimo wa Jakobo, o iponahaditse ho wena.
6Jehova a eketsa a re ho yena: Ako kenye letsoho la hao sefubeng sa hao. A kenya letsoho la hao sefubeng sa hae; eitse ha a le ntsha, a bona letsoho la hae le le jwaloka lehlwa ke lepera.
7Yaba o re: Busetsa letsoho la hao sefubeng sa hao. A busetsa letsoho la hao sefubeng sa hae; a bona le boetse le le jwaloka nama ya hae.
8Etlare ha ba sa o dumele, mme ba sa utlwe puo ya pontsho ya pele, ba tla kgolwa ke puo ya pontsho ya bobedi.