Eksoda
Khaolo 4:27-31
BIBELE e Halalelang
27Jehova o ne a itse ho Aarone: Tsamaya, o yo kgahlanyetsa Moshe lefeelleng. O na be a ile, a mo fumana thabeng ya Modimo, a mo aka.
28Moshe a tsebisa Aarone mantswe wohle a Jehova kamoo a mo romileng kateng, le dipontsho tsohle tseo a mo laetseng tsona hore a di etse.
29Moshe le Aarone ba ya, ba phutha baholo ba bana ba Iseraele kaofela;
30Aarone a ba bolella mantswe kaofela ao Jehova a a buileng ho Moshe, mme a etsa dipontsho mahlong a setjhaba.
31Setjhaba sa dumela, sa utlwa hoba Jehova o etetse bana ba Iseraele, le hobane o tadimile ho hloreha ha bona; mme ba inama, ba rapela.