Eksoda
Khaolo 4:28-31
BIBELE e Halalelang
28Moshe a tsebisa Aarone mantswe wohle a Jehova kamoo a mo romileng kateng, le dipontsho tsohle tseo a mo laetseng tsona hore a di etse.
29Moshe le Aarone ba ya, ba phutha baholo ba bana ba Iseraele kaofela;
30Aarone a ba bolella mantswe kaofela ao Jehova a a buileng ho Moshe, mme a etsa dipontsho mahlong a setjhaba.
31Setjhaba sa dumela, sa utlwa hoba Jehova o etetse bana ba Iseraele, le hobane o tadimile ho hloreha ha bona; mme ba inama, ba rapela.