Eksoda
Khaolo 40:31-37
BIBELE e Halalelang
31Moshe, le Aarone, le bara ba hae ba itlhatswa matsoho le maoto;
32enere ha ba kena tenteng ya pokano, leha ba atamela pela aletare, ba ne ba itlhatswa, jwalokaha Jehova a laetse Moshe.
33Hape, a hloma lebala le potang tabernakele le aletare; a fanyeha lesela le homilweng monyako wa lebala; kahoo, Moshe a phetha mosebetsi.
34Yaba leru le kgurumetsa tente ya pokano, mme khanya ya Jehova ya tlala tabernakele.
35Esita le Moshe a sitwa ho kena tenteng ya pokano, hobane leru le ne le dutse hodima yona, le kganya ya Jehova e ne e tletse tabernakeleng.
36Enere ha leru le phahama hodima tabernakele, bana ba Iseraele ba ne ba tloha; ha eba jwalo ho tsamayeng hohle ha bona.
37Empa ha leru le ne le sa phahame, ba ne ba sa tlohe, ho fihlela letsatsi leo le phahamang ka lona.