Eksoda
Khaolo 5:12-18
BIBELE e Halalelang
12Yaba setjhaba se qhalanela naheng yohle ya Egepeta ho bokella ditlhoka bakeng sa setroi.
13Bahlahlobi ba ba potlakisa, ba nna ba re: Phethang mesebetsi ya lona; ho etswe mosebetsi wa tsatsi le leng le le leng, jwaloka setroi ha se sa le teng.
14Ba shapa balaedi ba bana ba Iseraele, ba beilweng hodima bona ke bahlahlobi ba Faro, ba re: Ke ka baka lang ha le sa ka la phetha mosebetsi wa lona wa ho etsa setene maobane le kajeno jwaloka pele?
15Yaba balaedi ba bana ba Iseraele ba ya, ba lla ho Faro, ba re: Ho ya kang, ha o etsetsa bahlanka ba hao jwalo?
16Re le bahlanka ba hao, ha re fuwe setroi, mme ho thwe ho rona: Etsang setene! Re le bahlanka ba hao, re a otlwa, jwaloka hoja batho ba hao ba sebile.
17A re: Le botswa, le botswa! ke ka baka leo le reng: A re yo hlabela Jehova mahlabelo.
18Tsamayang bo! le sebetse, mme ha le ka ke la fuwa setroi, empa le tla nne le phethe palo ya setene.