Eksoda
Khaolo 5:3-9
BIBELE e Halalelang
3Ba re: Modimo wa Baheberu o itlhahisitse ho rona; ako re dumelle, re tsamaele lefeelleng matsatsi a mararo, re ye ho etsetsa Jehova, Modimo wa rona, sehlabelo, esere mohlomong a re wela hodimo ka lefu, leha e le ka lerumo.
4Morena wa Egepeta a re ho bona: Ke ka baka lang, Moshe le Aarone, ha le tlohedisa setjhaba mesebetsi ya sona? Kgutlelang mesebetsing ya lona!
5Faro a ba a re: Batho bana, naheng ena, ba se ba le bangata, mme le ba tlohedisa mesebetsi ya bona.
6Jwale ka lona letsatsi leo, Faro a laela bahlahlobi ba setjhaba la balaedi ba sona, a re:
7Le se ke la hlola le nea setjhaba setroi ho etsa setene, jwaloka pele; a ba mpe ba ye ba ipatlele setroi e le bona.
8Leha ho le jwalo, palo ya setene seo ba neng ba ntse ba se etsa pele, le nne le e batle ho bona, le se ke la e qephisa, hobane ba botswa, ke ka baka leo ba howahowang, ba re: A re yeng re ye ho hlabela Modimo wa rona sehlabelo.
9Mosebetsi a o ke o imele banna bana, mme ba eme ho wona, ba tle ba se ke ba mamela dipolelo tsa leshano.