Eksoda
Khaolo 5:9-15
BIBELE e Halalelang
9Mosebetsi a o ke o imele banna bana, mme ba eme ho wona, ba tle ba se ke ba mamela dipolelo tsa leshano.
10Yaba bahlahlobi ba setjhaba le balaedi ba sona ba tswa, ba bolella setjhaba, ba re: Ho thwe ke Faro: Ha ke sa tla le nea setroi.
11Mpang le ye e le lona, le ipatleleng setroi moo le ka se fumanang teng, hobane ha ho qephiswe letho la mosebetsi wa lona oo le o laetsweng.
12Yaba setjhaba se qhalanela naheng yohle ya Egepeta ho bokella ditlhoka bakeng sa setroi.
13Bahlahlobi ba ba potlakisa, ba nna ba re: Phethang mesebetsi ya lona; ho etswe mosebetsi wa tsatsi le leng le le leng, jwaloka setroi ha se sa le teng.
14Ba shapa balaedi ba bana ba Iseraele, ba beilweng hodima bona ke bahlahlobi ba Faro, ba re: Ke ka baka lang ha le sa ka la phetha mosebetsi wa lona wa ho etsa setene maobane le kajeno jwaloka pele?
15Yaba balaedi ba bana ba Iseraele ba ya, ba lla ho Faro, ba re: Ho ya kang, ha o etsetsa bahlanka ba hao jwalo?