Eksoda
Khaolo 8:16-22
BIBELE e Halalelang
16Yaba Jehova o re ho Moshe: Ere ho Aarone: Emisa lere la hao, o otle lerole la lefatshe, le tle le fetohe dinta naheng yohle ya Egepeta.
17Yaba ba etsa jwalo, mme Aarone a otlolla letsoho la hae, a tshwere lere la hae, a otla lerole la lefatshe, la fetoha dinta ho batho, le ho diphoofolo; lerole kaofela la lefatshe la fetoha dinta naheng yohle ya Egepeta.
18Dingaka le tsona tsa leka ho etsa jwaloka boupelli ba tsona, hore, di hlahise dinta, empa tsa sitwa; dinta tsa eba teng ho batho le ho diphoofolo.
19Yaba dingaka di re ho Faro: Ke monwana wa Modimo. Leha ho le jwalo, pelo ya Faro ya thatafala, a se ke a ba utlwa, jwalokaha Jehova a ne a boletse.
20Yaba Jehova o re ho Moshe: Tsohela ka meso, o ye ho ema pela Faro; o tla mmona ha a tswela metsing; o re ho yena: Ho thwe ke Jehova: Lokolla setjhaba sa ka, se ye ho ntshebeletsa.
21Hobane ekare ha o hana ho lokolla setjhaba sa ka, bona, ke tla romela menwang ho wena, le ho bahlanka ba hao, le ho setjhaba sa hao, le matlung a hao; matlo a Baegepeta a tla tlala menwang, le mobu oo ba emeng hodima wona.
22Ka tsatsi leo, ke tla kgetha naha ya Goshene, eo setjhaba sa ka se dutseng ho yona, mme ha ho ka ke ha eba menwang teng, hore o tle o tsebe hobane nna Jehova ke teng hara lefatshe.