Eksoda
Khaolo 9:2-8
BIBELE e Halalelang
2Hobane ha o hana ho se lokolla, o ntse o ba thibela,
3bona, letsoho la Jehova le tla ba boima hodima mehlape ya hao e naheng, dipere le diesele le dikamele le makgomo le manku, ka lefu le leholo ka ho fetisisa.
4Jehova o tla kgetha mehlape ya Iseraele ho mehlape ya Baegepeta, mme ha ho ka ke ha eshwa letho la tsohle tsa bana ba Iseraele.
5Jehova a bea nako, a re: Ka hosasa, Jehova o tla etsa taba ena naheng ena.
6Ka hosasa, Jehova a fela a etsa taba eo, mme mehlape ya Baegepeta ya eshwa kaofela, empa mehlapeng ya bana ba Iseraele ho se ke ha eshwa ntho le e nngwe.
7Yaba Faro o a romela, a fumana hoba ha ho a shwa ntho leha e le nngwe mehlapeng ya Iseraele. Empa pelo ya Faro ya thatafala, a se ke a lokolla setjhaba.
8Yaba Jehova o re ho Moshe le ho Aarone: Kakolang molora seboping, le o tlatse matsoho, mme Moshe a o akgele hodimo pela Faro.