Eksoda
Khaolo 9:23-29
BIBELE e Halalelang
23Yaba Moshe o emisetsa lere la hae hodimo, mme Jehova a hlahisa diaduma le sefako; mollo wa matha fatshe, mme Jehova a nesa sefako hodima naha ya Egepeta.
24Sefako sa eba teng, le mollo o tswakaneng le sefako, se tshabehang haholo, seo ho neng ho eso ho be se jwalo naheng yohle ya Egepeta, haesale e eba setjhaba.
25Sefako sa otla, naheng yohle ya Egepeta, tsohle tse neng di le naheng, ho tloha ho batho ho isa diphoofolong; sa otla dimela tsohle tsa lefatshe, sa robaka difate tsohle tsa naha.
26Feela sefako sa eba siyo naheng ya Goshene, moo bana ba Iseraele ba neng ba le teng.
27Yaba Faro o romela ho bitsa Moshe le Aarone, a re ho bona: Kajeno ke sitetswe Jehova; ke yena ya lokileng, nna le setjhaba sa ka re molato.
28Rapelang Jehova hore ho se ke ha hlola ho eba diaduma tsa Modimo, kapa sefako; ke tla le lokolla le ye, mme ha le sa tla hlola le thibelwa.
29Yaba Moshe o re ho yena: Etlare ha ke etswa motseng, ke tla otlollela matsoho a ka ho Jehova; diaduma di tla kgaotsa, sefako le sona se fele, hore o tle o tsebe hobane lefatshe ke la Jehova.