Eksoda
Khaolo 9:27-33
BIBELE e Halalelang
27Yaba Faro o romela ho bitsa Moshe le Aarone, a re ho bona: Kajeno ke sitetswe Jehova; ke yena ya lokileng, nna le setjhaba sa ka re molato.
28Rapelang Jehova hore ho se ke ha hlola ho eba diaduma tsa Modimo, kapa sefako; ke tla le lokolla le ye, mme ha le sa tla hlola le thibelwa.
29Yaba Moshe o re ho yena: Etlare ha ke etswa motseng, ke tla otlollela matsoho a ka ho Jehova; diaduma di tla kgaotsa, sefako le sona se fele, hore o tle o tsebe hobane lefatshe ke la Jehova.
30Empa haele wena le bahlanka ba hao, ke a tseba hobane le tla be le eso ho tshabe Jehova Modimo.
31Lene le harese di ne di otlilwe, hobane harese e ne e se e tswetse, mme lene e ne e se e na le dipalesa;
32empa koro le mabele di ne di sa ka tsa otlwa, hobane di dieha ho mela.
33Yaba Moshe o tloha pela Faro, a tswa motseng; a otlollela matsoho a hae ho Jehova; yaba diaduma le sefako di a kgaotsa, le pula ya esa lefatsheng.