Eksoda
Khaolo 9:29-35
BIBELE e Halalelang
29Yaba Moshe o re ho yena: Etlare ha ke etswa motseng, ke tla otlollela matsoho a ka ho Jehova; diaduma di tla kgaotsa, sefako le sona se fele, hore o tle o tsebe hobane lefatshe ke la Jehova.
30Empa haele wena le bahlanka ba hao, ke a tseba hobane le tla be le eso ho tshabe Jehova Modimo.
31Lene le harese di ne di otlilwe, hobane harese e ne e se e tswetse, mme lene e ne e se e na le dipalesa;
32empa koro le mabele di ne di sa ka tsa otlwa, hobane di dieha ho mela.
33Yaba Moshe o tloha pela Faro, a tswa motseng; a otlollela matsoho a hae ho Jehova; yaba diaduma le sefako di a kgaotsa, le pula ya esa lefatsheng.
34Eitse ha Faro a bona hobane pula le sefako le diaduma di kgaoditse, a eketsa ho etsa hampe, a ithatafatsa pelo, yena le bahlanka ba hae.
35Pelo ya Faro ya thatafala, a se ke a lokolla bana ba Iseraele, jwalokaha Jehova a ne a boletse ka molomo wa Moshe.