Eksoda
Khaolo 9:7-13
BIBELE e Halalelang
7Yaba Faro o a romela, a fumana hoba ha ho a shwa ntho leha e le nngwe mehlapeng ya Iseraele. Empa pelo ya Faro ya thatafala, a se ke a lokolla setjhaba.
8Yaba Jehova o re ho Moshe le ho Aarone: Kakolang molora seboping, le o tlatse matsoho, mme Moshe a o akgele hodimo pela Faro.
9O tla fetoha lerole le lesesane naheng yohle ya Egepeta, o hlahise dithopane, le lekgopho le etsang diso ho batho le ho diphoofolo naheng yohle ya Egepeta.
10Yaba ba nka molora seboping, ba hlaha pela Faro; Moshe a o hasanyetsa hodimo, wa hlahisa dithopane le lekgopho le etsang diso ho batho le ho diphoofolo.
11Dingaka tsa sitwa ho ema pela Moshe ka baka la dithopane; hobane dingaka le Baegepeta bohle ba ne ba tswile dithopane.
12Empa Jehova a thatafatsa pelo ya Faro, mme ha a ka a ba utlwa, jwalokaha Jehova a ne a boleletse Moshe.
13Yaba Jehova o re ho Moshe: Tsohela ka meso, o itlhahise pela Faro, o re ho yena: Ho thwe ke Jehova, Modimo wa Baheberu: Lokolla setjhaba sa ka, se ye ho ntshebeletsa.