Numere
Khaolo 10:1-7
BIBELE e Halalelang
1Yaba Jehova o bua le Moshe, a re:
2O iketsetse diterompeta tse pedi tsa silefera. O di etse ka silefera e teilweng. Di tla o thusa ho mema phutheho le ho laela makgotla hore a tlohe.
3Etlare ha di letswa, phutheho yohle e tla bokana ho wena monyako wa tente ya pokano.
4Ha ho letswa e le nngwe feela, marena, e leng dihlooho tsa dikete tsa Iseraele, a tla phuthehela ho wena.
5Etlare ha le di letsa haholo, makgotla a ka nqa botjhabela a tla tloha.
6Etlare ha le boela le di letsa haholo la bobedi, makgotla a ka nqa borwa a tla tloha; di tla letswa haholo hore makgotla a tlohe.
7Etlare ha le mema phutheho, le tla di letsa, empa e seng ka modumo o moholo.