Numere
Khaolo 10:19-25
BIBELE e Halalelang
19lekgotla la leloko la bana ba Simeone le ne le laolwa ke Shelumiele, mora Tsurishaddai;
20lekgotla la leloko la bana ba Gade le ne le laolwa ke Eliasafe, mora Deuele.
21Bakehathe ba tloha le bona, ba jere dintho tse kgethehileng; mme ho ne ho emiswa tabernakele, ba ntse ba lebeletswe ho fihla.
22Yaba folaga ya ntlo ya bana ba Efraime e a tloha; ba tloha ka makgotla a bona; lekgotla la Efraime le ne le laolwa ke Elishama, mora Ammihude;
23lekgotla la leloko la bana ba Manasse le ne le laolwa ke Gamaliele, mora Pedahtsure;
24lekgotla la leloko la bana ba Benjamine le ne le laolwa ke Abidane, mora Gideoni.
25Yaba ho tloha folaga ya ntlo ya bana ba Dane; ba tloha ka makgotla a bona, e le serao sa makgotla kaofela; lekgotla la bona le ne le laolwa ke Akiesere, mora Ammishaddai;