Numere
Khaolo 10:3-9
BIBELE e Halalelang
3Etlare ha di letswa, phutheho yohle e tla bokana ho wena monyako wa tente ya pokano.
4Ha ho letswa e le nngwe feela, marena, e leng dihlooho tsa dikete tsa Iseraele, a tla phuthehela ho wena.
5Etlare ha le di letsa haholo, makgotla a ka nqa botjhabela a tla tloha.
6Etlare ha le boela le di letsa haholo la bobedi, makgotla a ka nqa borwa a tla tloha; di tla letswa haholo hore makgotla a tlohe.
7Etlare ha le mema phutheho, le tla di letsa, empa e seng ka modumo o moholo.
8Bara ba Aarone, baprista, ba tla letsa diterompeta; ke taelo e sa feleng ho lona le ho meloko ya lona.
9Etlare ha le eya ntweng fatsheng la lona, le ya lwantsha dira tse le qalang, le tla letsa diterompeta haholo, mme le tla hopolwa pela Jehova, Modimo wa lona, mme le tla namolelwa matsohong a dira tsa lona.