Numere
Khaolo 13:2-8
BIBELE e Halalelang
2Roma banna hore ba ye ho hlwela naha ya Kanana, eo ke e neang bana ba Iseraele. Le rome monna ka leloko le leng le le leng la bontata bona, mme bohle e be dihlooho hara bona.
3Yaba Moshe, ba le lefeelleng la Parane, o ba roma ka taelo ya Jehova; banna bao kaofela e ne e le dihlooho hara bana ba Iseraele.
4Ke ana mabitso a bona: Lelokong la Rubene, Shammua, mora Sakkure;
5lelokong la Simeone, Shafathe, mora Hori;
6lelokong la Juda, Kalebe, mora Jefunne;
7lelokong la Issaskare, Jigale, mora Josefa;
8lelokong la Efraime, Hosea, mora Nune;