Numere
Khaolo 13:21-27
BIBELE e Halalelang
21Yaba ba ya, mme ba hlwela naha ho tloha lefeelleng la Tsine ho isa Rehobe, tseleng ya Hamathe.
22Ba kena ka nqa borwa, ba fihla Hebrone, moo ho neng ho ahile bana ba Anake, boAkimane, Sheshai, le Talmai. Hebrone o ne a hahilwe dilemo tse supileng, motse wa Tsoane wa Egepeta, o eso ho be teng.
23Ba tswela pele, ba ba ba fihla sekgutlong sa Eshkole; teng ba ekga lekala le nang le lesihla le le leng feela la morara, mme ba babedi ba le jara ka sefate; hape ba ekga digaranata le difeiye.
24Sebaka seo sa rewa lebitso la Eshkole ka baka la lesihla la morara leo bana ba Iseraele ba neng ba le kge teng.
25Ba kgutla ba tsamaile matsatsi a mashome a mane ba ntse ba hlwela naha eo.
26Ba fihla, ba ya ho Moshe le Aarone, le ho phutheho yohle ya bana ba Iseraele lefeelleng la Parane, ka nqa Kadeshe, mme ba ba behela bona le phutheho yohle ditaba, ba ba bontsha ditholwana tsa naha.
27Ba bolella Moshe, ba re: Re ile naheng eo o re rometseng ho yona; ruri, ke naha e kollang lebese le dinotshi; ke tsena ditholwana tsa teng.