Numere
Khaolo 14:17-23
BIBELE e Halalelang
17Jehova o dieha ho halefa, mme o tletse mohau; o tshwarela makgopo le kganyetso;
18empa ha a re, ya molato o hloka molato; o otla bana ho isa lelokong la boraro le la bone ka baka la bokgopo jwa batswadi ba bona.
19O tshwarele bokgopo ba setjhaba sena ke hona, ka boholo ba mohau wa hao, kamoo o seng o ile wa tshwarela setjhaba sena kateng, ho tloha Egepeta, ho fihlela mona.
20Jehova a re: Ke a ba tshwarela kamoo o kopileng kateng.
21Empa, ka nna ya phelang, kganya ya Jehova e tla tlala lefatsheng lohle.
22Haele batho bana kaofela ba boneng kganya ya ka le mehlolo eo ke e entseng Egepeta le lefeelleng, ba seng ba ntekile ha leshome, ba sa kang ba utlwa lentswe la ka,
23ruri, ha ho le a mong ho bona ya tla bona lefatshe leo ke hlapanyeditseng bontata bona hore ke tla ba nea lona. Ha ho le a mong ho ba nnyedisitseng ya tla le bona.