Numere
Khaolo 14:24-31
BIBELE e Halalelang
24Empa haele mohlanka wa ka, Kalebe, kahobane moya osele o ho yena, o bile a ntatela ka kutlo e phethehileng, ke tla mo kenya lefatsheng leo a kileng a kena ho lona, mme ditloholo tsa hae di tla le rua.
25Baamaleke le Bakanana ba ahile mahwatateng; kgutlang ke hona hosasane, mme le ye feelleng ka tsela ya Lewatle le Lefubedu.
26Jehova a bua le Moshe le Aarone, a re:
27Na ke tla mamella ho isa neng phutheho ena e mpe e dumadumang ka nna? Ke utlwile medumodumo ya bana ba Iseraele kamoo ba dumadumang ka nna kateng.
28E re ho bona: Ka nna ya phelang, ho rialo Jehova, ke tla le etsa kamoo le buileng ditsebeng tsa ka kateng.
29Ditopo tsa lona di tla wa feelleng lena, mme lona bohle ba kileng ba balwa, ho tloha ho ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa pele, lona ba dumadumileng ka nna, ha le ka ke la kena lefatsheng leo ke neng ke le emiseditse letsoho la ka, ka re ke tla le ahisa teng, haese Kalebe, mora Jefunne, le Joshua, mora Nune.
31Haele bana ba lona, bao le itseng ba tla hapuwa, ke tla ba kenya teng, mme ba tla tseba naha eo le e nyatsitseng.