Numere
Khaolo 14:28-35
BIBELE e Halalelang
28E re ho bona: Ka nna ya phelang, ho rialo Jehova, ke tla le etsa kamoo le buileng ditsebeng tsa ka kateng.
29Ditopo tsa lona di tla wa feelleng lena, mme lona bohle ba kileng ba balwa, ho tloha ho ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa pele, lona ba dumadumileng ka nna, ha le ka ke la kena lefatsheng leo ke neng ke le emiseditse letsoho la ka, ka re ke tla le ahisa teng, haese Kalebe, mora Jefunne, le Joshua, mora Nune.
31Haele bana ba lona, bao le itseng ba tla hapuwa, ke tla ba kenya teng, mme ba tla tseba naha eo le e nyatsitseng.
32Empa, haele lona ditopo tsa lona di tla sala feelleng;
33bana ba lona ba tla alosa feelleng ka dilemo tse mashome a mane, ba ntse ba jara moputso wa bootswa ba lona, ditopo tsa lona di be di felle feelleng kaofela ha tsona.
34Jwalokaha le qetile matsatsi a mashome a mane le hlwela naha, ka mokgwa o jwalo le tla jara kotlo ya makgopo a lona ka dilemo tse mashome a mane, selemo se le seng se eme bakeng sa tsatsi le le leng; mme le tla tseba hore na ke ntho e jwang ha le furaletswe ke nna.
35Nna, Jehova, ke buile; ke tla fela ke etse jwalo phutheho ena yohle e mpe, e mpokanetseng ho ntwantsha; ba tla fella lefeelleng lena; ba tla hle ba timelle teng.