Numere
Khaolo 14:35-41
BIBELE e Halalelang
35Nna, Jehova, ke buile; ke tla fela ke etse jwalo phutheho ena yohle e mpe, e mpokanetseng ho ntwantsha; ba tla fella lefeelleng lena; ba tla hle ba timelle teng.
36Banna bao Moshe a neng a ba romile ho ya hlwela naha, bao ho kgutleng ha bona ba neng ba dumadumisitse phutheho yohle ka Jehova ka ho nyefola naha,
37banna bao ba neng ba nyatsitse naha, ba eshwa pela sefahleho sa Jehova ka lefu la sewa.
38Ho banna ba neng ba ile ho hlwela naha, ha phela Joshua, mora Nune, le Kalebe, mora Jefunne feela.
39Moshe a phetela bana ba Iseraele bohle ditaba tseo kaofela, mme setjhaba sa hlomoha haholo.
40Ba tsoha e sa le ka meso, ba hlwela nqa qhoweng ya thaba, ba re: Ke rona bana; re tla nyolohela lefatsheng le boletsweng ke Jehova, hobane re sitilwe.
41Yaba Moshe o re: Na ke ka baka lang ha le tlola taelo ya Jehova jwalo? Hona hoo ho ke ke ha le fetohela molemo.