Numere
Khaolo 14:5-11
BIBELE e Halalelang
5Yaba Moshe le Aarone ba itihela fatshe ka difahleho pela phutheho yohle e bokaneng ya bana ba Iseraele.
6Joshua, mora Nune, le Kalebe, mora Jefunne, ba neng ba ile le ba bang ho hlwela naha, ba hahola diaparo tsa bona,
7ba bua le phutheho yohle ya bana ba Iseraele, ba re: Lefatshe leo re le haotseng ho le hlwela ke lefatshe le letle, le letle haholo.
8Ha Jehova a re baballa, o tla re isa lefatsheng leo, mme o tla re nea lona; ke lefatshe le kollang lebese le dinotshi.
9Feela, le se ke la ikgantshetsa Jehova; mme le se ke la tshaba batho ba naha eo, hobane re tla ba qeta; leswiti le se le tlohile hodima bona, kanthe Jehova o na le rona; le se ke la ba tshaba.
10Empa phutheho yohle e ne e bua, e re, e ya ba tlepetsa ka majwe. Yaba kganya ya Jehova e bonahala hodima tente ya pokano pela bana ba Iseraele kaofela.
11Jehova a re ho Moshe: Na setjhaba sena se tla nnyedisa ho isa neng na? Na se tla hana ho isa neng ho dumela ho nna, se sa re letho ka mehlolo yohle eo ke e entseng hara sona na?