Numere
Khaolo 15:14-20
BIBELE e Halalelang
14Ha motho wa ditjhaba a aheletse hara lona, kapa a tla nne a ahe hara lona kamehla, ha a rata ho hlahisa sehlabelo se etswang ka mollo, se monko o monate ho Jehova, a etse kamoo lona le etsang kateng.
15Molao o tla ba mong wa phutheho, wa lona le wa moditjhaba ya aheletseng hara lona; e be molao wa kamehla melokong ya lona; kamoo ho leng kateng bakeng sa lona, le bakeng sa modijhaba ho tla ba jwalo pela Jehova.
16Molao o tla ba mong le mokgwa o tla ba mong ho lona le ho moditjhaba ya aheletseng hara lona.
17Jehova a bua le Moshe, a re:
18Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: Etlere ha le fihlile naheng eo ke le isang ho yona,
19mohla le jang bohobe ba naha eo, le tle le hlahisetse Jehova kabelo.
20Le hlahise kabelo ya polokwe, e be dilopotsiya tsa hlama ya lona; ho be jwaloka kabelo e nkwang seotlong.