Numere
Khaolo 15:21-27
BIBELE e Halalelang
21Melokong yohle ya lona, le tla abela Jehova kabelo ya hlama ya lona ya ho qala.
22Ekare ha le sitilwe ka ho se tsebe, le sa ka la phetha melao kaofela eo Jehova a e boleletseng Moshe,
23tsohle tseo Jehova a le laetseng tsona ka molomo wa Moshe, haesale e le letsatsing leo Jehova a le laetseng tsona, ho isa melokong yohle ya lona;
24ekare ha le sitilwe ka ho se tsebe, phutheho e sa ka ya lemoha, phutheho yohle e tla hlahisa sehlabelo sa pohwana, e be setjheso se monko o monate ho Jehova, hammoho le nyehelo ya sona le tshelo ya sona e loketseng; mme le teng e hlahise phooko ya sehlabelo sa sebe.
25Moprista a etse pheko bakeng sa phutheho yohle ya bana ba Iseraele, mme ba tla tshwarelwa; hobane ke sebe se entsweng ka ho se tsebe, mme ba tlisitse sehlabelo sa bona e le sehlabelo se etsetswang Jehova ka mollo, le sehlabelo sa sebe pela Jehova, bakeng sa sebe se entsweng ka ho se tsebe.
26Phutheho yohle ya bana ba Iseraele e tla tshwarelwa, le yena moditjhaba ya aheletseng hara bona, kahobane setjhaba sohle se sitilwe ka ho se tsebe.
27Ekare ha ho sitilwe motho a le mong ka ho se tsebe, o tla hlahisa sethojana sa podi se selemo se le seng, e be sehlabelo sa sebe.