Numere
Khaolo 15:37-41
BIBELE e Halalelang
37Jehova a bua le Moshe, a re:
38Bua le bana ba Iseraele, o ba laele hore ba iketsetse ditjellane mephethong ya diaparo tsa bona, melokong yohle ya bona, mme ba manamise leqhwele le leputswa tjellaneng e mephethong ya diaparo tsa bona.
39Tjellane eo e rokilweng, etlere ha le e tadima, le hopole ditaelo tsohle tsa Jehova, le di etse; le ke ke la batla tsa boithatelo ba dipelo tsa lona le ba mahlo a lona, kamoo bo ntseng bo le febisa kateng;
40hore le tle le hopole, mme le etse melao ya ka kaofela, mme le kgethehele Modimo wa lona.
41Ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, hore ke be Modimo wa lona. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.